TJHATA YA MAKGABANE A TLISANG TSHEPO
Re se re fetile nalaneng ya ho se lekalekane moo ho neng ho ena le dikgohlano setjhabeng sa habo rona, mme jwale re na le boahi bo le bong ba naha moo re ikemiseditseng ho ba le tekatekano. Re hetla morao moo re shebang ditsela tse fapaneng le mekgwa ya bophelo e re tliseditseng tokoloho le demokerasi, mme re ikemisetsa ho ba le mehopolo le makgabane a boitshwaro a tla re kopanya jwalo ka ha re fapane.
Ka ho ya ka maikemisetso ana a tshwanang, a hlahileng ka boitseko ba rona, a lebisitswe phekolong ya bokgopo ba nakong e fetileng, mme re tiisetsa seriti sa bohle, le ka ho labalabela polokeho ya phedisano ya batho ba habo rona, re itlama ho sireletsa le ho tshehetsa makgabane a kentsweng mona. Hona re ho etsa ka ho ela hloko taba ya hore bokamoso ba rona bo itshetlehile tshireletsong ya tikoloho le polokehong ya bohle ba phelang ka hara naha ya habo rona, baahi ba kontinente ya Afrika mme ba bopang lelapa le leholo le dinaha tsa matjhaba.
Ka ho ikemisetsa ho ba le moya wa Ubuntu, e leng bona bo bopang demokerasi ya rona mme bo kenyelleditswe le molaong wa rona wa motheo, rona re le setjhaba re ikgethela ho:
Hlompha Seriti le Tekatekano ya Motho
Molao wa rona wa motheo o tiisetsa hore batho ba tswetswe ba lokolohile mme ba na le seriti se lekanang.
Re itlama ho:
Hlompha bohlokwa ba batho bohle, ho sa natswe moo motho a tswang, borabe, bong, dilemo boemo le hore o wela sehlopheng sefe bophelong.
Lwantshana le tshwenngwa ha basadi ka semoya le ya nama, e leng ntho e qetellang ka peto le mefuta e meng ya tlhekefetso.
Qeta tlhekefetso ya bana e tliswang ke phepo e mpe, tshebediso ya bana, thekiso ya dithethefatsi, ditshwantsho tsa batho ba sa aparang mmoho le bootswa.
Hlokomela bohle ba fokolang mme ba sa fuwe menyetla: ba futsanehileng, maqheku, ba sa itekanelang, le bohle bao ba sa kgoneng ho itlhokomela ka bobona.
Hanyetsana le mofuta ofe kapa ofe wa tlhekefetso ya nama, semoya, le/kapa ya kelello kapa ho tshwarwa hampe ha batho ba bang.
Fenya tshebediso e mpe ya boemo, setso, setho, borabe, bong, tshekamelo ya bong, maemo a bophelo, kapa moetlo, e leng ntho e tla lebisa kgethollong ya ba bang.
Sebeletsa polokeho le tshireletso ya batho bohle.
Ntshetsa pele Tokoloho, Tshebediso ua Molao le Demokerasi
Tokoloho ya motho ka mong ka hara tshebediso ya molao ke ona motheo wa toka, ho se be le leeme, kaho ya setjhaba le taolo e ntle.
Re itlama ho:
Dumella bolokolohi ba ho ikutlwahatsa, ba dikamano, motsamao, bodulo, tumelo, mohopolo le borapedi.
Ba le boikarabelo ka ho hlompha tshebediso ya molao, ho tshepahala, ho sebetsa ka matla le ho ba le bonyane ba maemo a amohelehileng boitshwarong.
Lwantsha mefuta yohle ya bonokwane, bobodu le merusu.
Phehella ho ba le kopano ya setjhaba le ho se arohanngwe ha Rephaboliki.
Ntlafatsa Boiphediso le Toka Moruong
Ditokelo tsa kahisano le moruo tseo e leng karolo ya molao wa rona wa motheo di lokelwa ho bonwa e le ditokelo tse ka hodimo ho kgothaletso. Leano le mananeo a lokela ho neha mafutsana menyetla ya ho kgona ho fihlela seriti sa botho le boiphediso.
Re itlama ho:
???????? Fenya ho se lekalekane ho kentsweng hwa nako e fetileng mmoho le ha jwale, le ho kgothaletsa menyetla bakeng sa bohle hore ba be le kabo ho tswa mehloding ya thuso ya naha ya habo rona.
???????? Hanyetsana le meharo, ho inahanela o le mong le ho ithuisa ka dinako tsohle.
???????? Fenya bobodu, hore na bo laolwa ke ho ithuisa ka bowena, ho se tshepahale, kgethollo, ho tshehetsa ba leloko le mefuta e meng yohle ya bobodu.?
??????? ?Tshehetsa ho sebeletsa pepeneneng ha mmuso le mekga ya kgwebo ka ho fana ka tlhahisoleseding e fumanwang ka nako, e kgonwang ho fihlelwa hape e nepahetseng ditabeng tsohle tse amang maphelo a setjhaba.?
???????? Netefatsa hore ho ba le bolaodi bo nang le bokgoni hape bo sa sebetseng ka leeme le hore mesebetsing ho ba le boemedi bo batsi ba borabe le bong.
Matlafatsa Makgabane a Lelapa le a Motse
Lelapa le motse ke dikarolo tsa bohlokwa tsa kahisano tse susumelletsang hore ho thehwe makgabane a boitshwaro setjhabeng.
Re itlama ho:
Kgothaletsa makgabane a lelapa, botshepehi, boikarabelo, hlompho bakeng sa batswadi le baholo ba rona, ntshetsopele ya bana, tshehetso ya maqheku, le ntshetsopele ya tlhokomelo ya lelapa.
Ba kgahlanong le dintwa tsa ka malapeng le ho se natse maikarabelo a lelapa, hore na ke ka tshebediso e mpe ya dithethefatsi, bodumedi ba setso kapa kgethollo ka bong.
Bopa tikoloho ya lelapa le e kopanetsweng e kgothaletsang moya wa tlhokomelo, kutlwelo le ho akaretswa.
Sebedisa mehlodi ya thuso hantle haholo le ka ho lekana molemong wa lelapa lohle le ditho tsa motse.
Tswela ba bang molemo jwalo ka rona feela ka kgolo ya motho ka boyena le phihlelo ya bokgoni.
Kgothaletsa Botshepehi ho Tshepahala le Bokgabane
Botshepehi, ho tshepahala le bokgabane ke makgabane a bohlokwa a demokerasi le taolo e ntle.
Re itlama ho:
Ba le dikamano tsa sebele, tse pepeneneng mme tsa botshepehi.
Ntshetsa pele le ho kgothaletsa dikamano tse ntle, ho tshepana le ho phedisana dihlopheng tse arohantsweng nakong e fetileng.
Sebedisa mokgwatshebetso wa toka ho fana ka kotlo mefuteng yohle ya boshodu, boqhekanyetsi, ho fana ka tjotjo, ho se tshepahale le ho sebediswa ka tsela e sa lokang.
Netefatsa hore ho ba le Tumellano ya Setho, Bodumedi le Ho bona ho Hotle le ho Hobe
Ho fapafapana ha merabe ya Afrika Borwa ho na le bokgoni ba ho susumelletsa le ho matlafatsa setho le mekgwatshebetso ya makgabane e ka ntshetsang pele makgabane ao ho bolelwang ka ona Kgaolong ena.
Re itlama ho:
Kgothaletsa bolokolohi ba ho bona ho hobe le ho hotle, mamello ya bodumedi le kamohelo ya mehopolo e fapaneng ntle le kgethollo kapa ho tshehetsa ba bang feela ho sa natswe ba bang.
Kgothaletsa ho ba le monahano o ikemetseng o hlokolosi le moya wa ho ba le seabo dingangisanong.
Kgothaletsa ho hlomphuwa ha bodumedi le mekgwatshebetso ya makgabane a ba bang.
Kgothaletsa tokelo ya moahi e mong le e mong wa naha ya ho ikutlwahatsa le ho hlahisa maikutlo a hae ntle le tshabo, thibelo, ho tshoswa kapa ho tshwenngwa.
Hanyetsana le mefuta yohle ya kgethollo, e ka ba ka motho ka mong, ka mokgatlo kapa ka ho ba setho sa mokgatlo ka mokga o kgellang tlase bokgabane ba batho ba bang.
Hlompha le ho Tsotella batho Bohle
Hlompho, tlhokomelo le tsotello ke tse ding tsa dibopeho tsa bohlokwa tsa makgabane a batho ba Afrika Borwa. Re lemohile hore ho ke ke ha ba le kgotso kapa polokeho ha ho se na hlompho le tlhokomelo.
Re itlama ho:
Tlohela ho sebedisa puo e sa kgahliseng le e nang le e hlapaolang dikamanong tsa rona le ba bang
Kgothaletsa kgotso, setswalle, mamello le kopano ya setjhaba hara merabe e nang le setho sa yona, bodumedi ba yona le puo ya yona.
Hlompha batho bohle le dihlopha tsa kahisano.
Phehella ho ba le Toka, Ho se be le Leeme le ho Phedisana ka Kgotso
Ho phedisana ka kgotso ho hloka toka, ho se be le leeme le hlomphano jwalo ka motheo wa poelano ya setjhaba. Tokiso ya kgethollo le dikarohano tsa nakong e fetileng e hloka hore re etse bonnete ba ho kgothaletsa makgabane a demokerasi, toka kahisanong le ditokelo tsa motheo tsa botho bakeng sa bohle.
Re itlama ho:
Phehisana le boitshwaro bo sebedisang dikgoka hape bo senang mekgwa e metle, mme hona re ho etsa ka ho ba le hlompho le kutlwisiso.
Hanyetsana le batho le dihlopha tse batlang ho sitisana le kgotso, botsitso le polokeho ya setjhaba ka boitshwaro bo kgethollang le/kapa bo sa lateleng demokerasi.
Fana ka ditshebeletso tsa phedisano le tse ding ka tsela e se nang leeme, e lekanang hape e sa kgetholleng bathong bohle.
Ka ho hopola dintwa le kgethollo ya nakong e fetileng, re ela hloko bohlokwa ba dikamano tsa rona kahisanong demokerasing ya rona e ntjha. Hona ho hloka tiisetso ya bonyane ba makgabane a boitshwaro ao batho ba nang le kgotso ba Afrika Borwa ba ka a labalabelang jwalo ka motheo wa ho fihlela ho e mong le e mong wa rona ka moya o theileng setjhaba sa habo rona ? re ntse re tseba hore Afrika Borwa ke ya bohle ba phelang ho yona.
